MATSHWAO: 100
NAKO: dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 9.
PAMPIRI YA 3 (P3)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: Moqoqo 
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele 
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane 
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 250 - 300
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telelele -
mantswe a 120 - 150
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane -
mantswe a 80 - 100.
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Baithuti ba fumantshwa menyetla ya ho nkamaeto a thuto le a dipapadi dikolong. Sena se ba fumantsha tsebo le bokgoni bo hlokehang thutong. Matitjhere a iteka ho ba etsetsa menyetla ena le ha boitshwaro boo re bo bonang bo etswa ke ba bang ba baithuti ha ba nkile maeto e le bo hlabisang ditlhong ruri! A ke o ngole moqoqo oo ho wona o phetang ka seo o kileng wa se utlwela kapa wa se bona se etswa ke baithuti ha ba etile. Sehlooho e be sena: Bona boitshwaro e ne e se bo jesang ditheohelang!
KAPA
Mmino ke tsela eo batho ba ithabisang, ba bontshang lerato, ba hlahisang kapa ba ithobang maikutlo ebile ba rapela ka yona. Athe ka lehlakoreng le leng ho ntse ho na le mmino o hlohlontshang ditsebe o bileng o tsamaisanang le metantsho e sa yeng ka tsela. A ko ngole moqoqo oo ka wona o pepesang dintle le dimpe tsa mmino wa kajeno. Sehlooho sa moqoqo e be: Mmino wa kajeno.
KAPA
Baahi Afrika Borwa ba reka makoloi tsatsi le tjhabang le le dikelang. Ketso ena e susumeditse ba lefapha la dipalangwang ho tla ka leano le ka rarollang tshubuhlellano e teng mebileng ya naha. Leano leo ke le sisinyang hore bapalami ba makoloi ba lebang tulong e le nngwe ba tsamaye mmoho ka koloi e le nngwe. Batho ba bang ba re mohopolo oo lefapha lena le o sisintseng o ka rarolla mathata a mangata athe ba bang bona ba hanana le mohopolo oo. Wena maikutlo a hao ke afe mabapi le tshisinyo ee? A ke o ngole moqoqo oo ho wona o tshehetsang lehlakore leo o dumellanang le lona. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Lehlakore le opileng kgomo lenaka ke le reng ...
KAPA
Ha ngata maemo le matla di fetola botho ba batho ba bangata. Motho e mong ha a okametse batho o hle a fetohe mme a tshware bao a ba okametseng ka tsela e makatsang eo ba neng ba sa mo tsebe ka yona pele. Sena re se bona dikolong, dikerekeng, dipapading le mesebetsing. Na maemo le matla di lokela ho fetola botho ba motho? A ke o ngole moqoqo oo ho wona o nehelanang ka maikutlo a hao ntlheng ena. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Maemo le matla bothong ba rona.
KAPA
Bophelong re ithuta ka ho etsa diphoso. Ha re etsa diphoso re lokela ho kgalengwa le ho tataiswa ka tshwanelo. Ka nako e nngwe batswadi ba bang ba etsa diphoso ha ba kgalema le ho tataisa bana ba bona; ba ka ba etsetsa lerata le ho se ba fe sebaka sa ho itlhalosa. Sena se baka ho se utlwisisane pakeng tsa batswadi le bana. Ka nako e nngwe ho etsa hore bana ba etse diketso tse sa amoheleheng mme ka mora moo ho fumanehe bobedi batswadi le bana ba ikwahlaya. Wena o bona batswadi ba lokela ho kgalema le ho tataisa bana ka tsela efe? Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang ka moo wena o bonang batswadi ba lokela ho kgalema le ho tataisa bana ka teng. Sehlooho sa moqoqo e be: Kgalemo le tataiso baneng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha e le nngwe ho tsena tse latelang e be o ngola ka yona. Ela hloko bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo.
Ho sa tswa bulwa sebaka sa boithabiso moo bana, batjha le batho ba baholo ba ka etelang ho ya roba monakedi matsatsing a phomolo teng. Jwalo ka mosebeletsi wa mmasepala o filwe mosebetsi wa ho tsebahatsa sebaka sena. Ngola boroutjhara moo o phatlalatsang le ho tsebahatsa sebaka sena le ditshebeletso tse fumanwang ho sona.
KAPA
Ho na le batho ba ratang ho lahlela matlakala sebakeng se pela sekolo seo o kenang ho sona. Ba lahlela matlakala a mefuta e fapaneng mme ka nako tse ding a a bola a etse monko o mobe o hahlamelang baahi ba haufi le moo ha bohloko. Sekolo sa heno se lekile ho hlwekisa sebaka sena le ho beha tsebiso e hlokomedisang setjhaba ho se lahlele matlakala moo, empa ho tshwana feela. Ngolla motsamaisi wa dibaka tsa boithabiso mmasepaleng wa heno lengolo o tletlebe o be o etse ditshitsinyo tse itseng mabapi le se ka etswang ho thibela bohlaswa bona.
KAPA
O moemedi wa baithuti sekolong sa heno. Sekolo sa heno se ne se nkile leeto mme ho bile le diketsahalo tse sa thabiseng nakong ya leeto leo. Lekgotla la tsamaiso la sekolo le o laetse hore o le etsetse tlaleho mabapi le se etsahetseng. Ngola raporoto e totobatsang tsohle tse ileng tsa etsahala leetong leo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang.
Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Sebedisa dihlooho tseo ho nehelanweng ka tsona.
Sehlopha sa lona se ne se ile ditlhodisanong tsa mmino tsa matsatsi a mahlano Motsekapa. Matsatsing ao a mahlano ho etsahetse diketsahalo tse ngata tseo o sa lakatseng ho ka di lebala. Ngola dayari/bukatsatsi ya matsatsi a mahlano eo ho yona o ngolang ka ketsahalo tseo.
KAPA
Motswalle wa hao o rerile ho etsa mokete wa letsatsi la hae la tswalo kgweding e tlang. O o memme empa o se o ntse o bona hore o ke ke wa kgona ho finyella ka mabaka ao o sitwang ho a qoba. Sena se ka nna sa mo tshwara ha bohloko. Mo ngolle posekarete eo ka yona o mo tsebisang mabaka a tlang ho o thibela ho ba teng moketeng oo, o be o mo lakaletse mahlohonolo a letsatsi la tswalo.
KAPA
Batswadi ba hao ba o kopile ho ba ngolla karete ya memo moo ba memelang motswalle wa bona lenyalong la kgaitsedi ya hao e tlang ho nyalwa haufinyana. Ngola karete eo mme o hlahise dintlha tsohle tsa bohlokwa tse lokelang ho hlahella memong eo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
